32 O nkile letolo matsohong a wona, o le laela ho otla bakgopo.
32 O tshwere lehadima ka matsoho a hae, o laela hore le otle botsekeng.
O kwahela metheo ya terone ya wona, o e apesa ka maru a wona.
Hape, o belesa maru ka metsi, o mathisa maru a tletseng letolo;
mme wona a iphetolele kahohle kamoo o a laelang kateng, a tle a sebetse hohle hoo o ho laetseng lebaleng la lefatshe;
Na o tseba kamoo Modimo o di hlahisang kateng; kamoo o rerang lesedi la maru a wona kateng hore le hadime na?
Na o ka roma mahadima, a ke a hadime? Na a tla re ho wena: Ke rona bana?
Ke yena ya tsosang maru dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang dipula ka diaduma, ya ntshang meya dipolokelong tsa hae;
mollo, le sefako, lehlwa le mehodi, meya ya difefo e phethang ditaelo tsa hae;
a ipopa ka lefifi ho tshabela teng, a ikopa ka metsi a matsho le ka maru a lefifi.
Mangope a lewatle a hlaha, metheo ya lefatshe ya hloboleha ka kgalemelo ya hao, Jehova, ka pudulo ya moya o tswang dinkong tsa hao.
Mme kahobane letsatsi le se le sa bonahale ka ditshiu tse ngata, leha e le dinaledi, le hobane sefefo le sona se ne se ntse se befile, ra lahlehelwa ke tshepo yohle ya ho pholoha.