30 Bona kamoo o hasang lesedi kateng pela wona, kamoo o ikwahelang ka botebo ba lewatle kateng.
30 Hadima la hae le takolotsa le lehodimo, botebo ba lewatle o a bo kguruma.
Jwale Modimo wa re: Metsi a katlase ho mahodimo a bokellwe hammoho sebakeng se le seng, mme ho hlahe moo ho omileng. Mme ha eba jwalo.
Ke mang ya utlwisisang ho otlana ha maru, le modumo oo tente ya wona e dumang ka wona?
Ke tseo o otlang batho ka tsona; ke tseo o hlahisang nala ka tsona.
Ke mang ya entseng masobana a hasang dipula, le tsela ya lehadima le dumang;
O ipopa ka lesedi jwaloka hola ke kobo, o menolla mahodimo jwaloka lesela la tente;
Bana ba Iseraele ba tsamaya kahara lewatle mobung o omileng, metsi ya eba lerako ho bona ka letsohong le letona le ka leqeleng.
Metsi a boya, a kwahela makoloi le bakalli le lekgotla lohle la Faro le neng le ba lateletse lewatleng; ha ho a ka ha sala le a mong wa bona.
Hobane jwaloka lehadima, ha le hadima, le ye le hadime ho qala nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho isa nqa e nngwe tlasa lehodimo, ho tla ba jwalo le Mora motho tsatsing la hae.