Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 36:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ke mang ya utlwisisang ho otlana ha maru, le modumo oo tente ya wona e dumang ka wona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Ya tsebang ho thiba ha maru ke mang, le ho thwathwaretsa ha lehodimo la hae?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 36:29
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a ikgurumetsa ka lefifi, a ikopa ka maqhubu a metsi le ka maru a matsho.


ka ditsebe tsa rona re utlwa wewetso e nyenyane ya tsona. Empa seaduma sa matla a wona, ke mang ya ka se utlwang?


mohla o beelang pula melao, o bontshang tladi e dumang tsela ya yona;


tse tshelwang ke maru, o di nesetsa hodima batho ka medupe.


Bona kamoo o hasang lesedi kateng pela wona, kamoo o ikwahelang ka botebo ba lewatle kateng.


Hape, o belesa maru ka metsi, o mathisa maru a tletseng letolo;


Na o utlwisisa ho ebesela ha maru? Na o utlwisisa bohlale ba wona bo phethehileng?


Ke mang ya fihletseng palo ya maru ka bohlale ba hae, mme ke mang ya ka tshelang makuka a mahodimo,


ha ke tla le fa maru ho ipopa ka wona, le mehodi e metenya ho iphutela ka yona;


o thea matlo a hae hodima metsi, o etsa maru koloi ya hae, o tsamaya a kaletse mapheo a moya.


eitse ha o kgalemela, a baleha; ha a utlwa lentswe la diaduma tsa hao, a phakisa a itshuthisa;


Jehova a duma lehodimong, Mookamedi ya phahameng a utlwahatsa lentswe la hae, e le difako le mashala a hlenneng.


Ke yena ya nang le terone ya hae hodima phikoloho ya lefatshe, leo ba ahileng ho lona ba leng ho yena jwaloka ditsie; ke yena ya menollang mahodimo jwaloka lesela le lesesane la kase, mme o a phutholla jwaloka tente ya ho aha teng.


Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato wa hae. Jehova! ... tsela ya hae e hara sefefo le sekgohola, maru ke lerole la maoto a hae.


Dithaba di a o bona, mme di a meneka; ho feta sekgohola sa metsi; bodiba bo phahamisa lentswe la bona, bo emisetsa matsoho a bona hodimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ