Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 36:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 O se ke wa lakatsa bosiu bo tlang ho tlosa batho ditulong tsa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Se labalabele bosiu ba kahlolo ho fihla, ha tjhaba di timela dibakeng tsa tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 36:20
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka bona bosiu boo, ha tswa lengeloi la Jehova, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Eitse ha ba tsoha hosasa, ba bona e le ditopo feela.


Jo! hola o ka mpata nqalong ya bafu! Hola o ka nkwahela teng, kgalefo ya hao ya ba ya feta, wa mpeela letsatsi leo o tla nkgopola ka lona!


Ba ye ba shwe hang, hara bosiu; setjhaba se ye se heletswe, se timele; ba matla ba tloswa, e seng ka letsoho la motho.


hobane o tseba mesebetsi ya bona; o ba diha bosiu, mme ba thubakanngwa.


Leruo la hao na le ka o ntsha tsietsing na, leha e le matla wohle ao o ka etsang ka wona na?


Hola Modimo o ka dumela ho nthubakanya, wa otlolla letsoho la wona, wa mpolaya.


ke moo pelo ya ka e kgethileng ho kgangwa le ho shwa, ho fetisa ha ke boloka masapo a ka.


Ka bosiu bo boholo, Jehova a otla matsibolo a naha ya Egepeta kaofela, ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho matsibolo a motshwaruwa ya ka tlung ya teronko, le matsibolo kaofela a diphoofolo.


Moetsadibe o kgoholwa ke bobe ba hae; empa motho ya lokileng o na le tshepo le lefung.


Ereha maru a tletse pula, a ye a e tshollele lefatsheng; leha sefate se wela nqa borwa, kapa nqa leboya moo se welang teng, ke hona moo se dulang teng.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Empa Modimo wa re ho yena: Lewatla towe! Ka bosiu bona, moya wa hao o tla latwa ho wena; mme dintho tseo o di lokisitseng, e tla ba tsa mang na?


hore a nke kabelo ya tshebeletso ena le ya boapostola bona Judase a bo kgelohileng ho ya sebakeng seo e leng sa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ