14 Ba shwa ba sa le batjha; bophelo ba bona bo tshwana le ba dihlola.
14 Ba shwa ba sa le batjha, ba shwe ba phela le bo-ramaotwana.
Ba bitsa Lota, ba re ho yena: Ba kae banna ba tlileng ho wena bosiung bona? Re ntshetse bona, re tle re ba tsebe.
Dilemo tsa hae di eso ho fele, bo tla etsahala; makala a hae ha a sa tla hlola a eba matala.
Athe ba tlositswe ho eso ho be nako, boahello ba bona ba nkilwe ke morwallo;
Ba pelo tse ikakasang ba ipokellela bohale; ha ba rapele ha Modimo o ba tlama.
Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.
Ho se ke ha eba seotswa hara baradi ba Iseraele; hape, ho se ke ha eba le a mong wa bara ba Iseraele ya ineelang bohlola.