Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 36:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ba pelo tse ikakasang ba ipokellela bohale; ha ba rapele ha Modimo o ba tlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 “Baetsadibe ba tletse kgalefo dipelong tsa bona, leha ba se ba tlamilwe ha ba ke ba kopa thuso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 36:13
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ba re ho bona: Le ke ke la tlisa batshwaruwa bano mona, hobane le hopotse taba e tla re jarisa molato pela Jehova, le ho ekeletsa dibe tsa rona le molato wa rona; ruri, molato wa rona o se o le moholo, mme bohale ba Jehova bo tuketse Iseraele.


Leha a ne a ntse a tsietswe hakalo, morena Akase a nna a eketsa ho sitelwa Jehova.


Pelo ya hao e o isa kae na? O tona mahlo a hao keng,


Ho tshaba Modimo ho wena ke lefeela; mme o fedisa thapelo e etswang ho wona.


empa ha ba sa utlwe, ba tla hlajwa ke lerumo, ba timele ke ho hloka kutlwisiso.


Ba shwa ba sa le batjha; bophelo ba bona bo tshwana le ba dihlola.


Empa ha ba holehilwe ka mahlaahlela, ba tlamilwe ka dikgole tsa hlokofatso,


seo ke se boloketseng letsatsi la tshenyo, le letsatsi la ho futuha le la ntwa na?


Ba nnile ba aha lefifing le moriting wa lefu, e le ba tlamilweng ka bomadimabe le ditshepe.


Jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Moshe, bobe bona kaofela bo re hlahetse jwalo. Leha ho le jwalo, ha re a ka ra nolofatsa sefahleho sa Jehova, Modimo wa rona, ka ho baka makgopong a rona, le ka ho hlokomela nnete ya hao.


Mme bonang, le tlile ho ema bakeng sa bontata lona jwaloka mahlomela a batho ba babe, le tle le boele le totisetse Iseraele bohale ba Jehova.


Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ