Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 36:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ha ba ka utlwa, mme ba o dumela, ba tla qetella bophelo ba bona lehlohonolong, le dilemo tsa bona thabong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ha ba mo mamela, ba mo sebeletsa, ba tla qeta matsatsi a bona ka boiketlo, lemo tsa bona ba di qete ba atlehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 36:11
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A o rapela, mme wa mamela thapelo ya hae, mme wa utlwa kopo ya hae; wa ba wa mmusetsa Jerusalema, mmusong wa hae, mme kahoo, Manasse a tseba hobane Jehova ke Modimo.


Bana ba bona ba tswa tlung ba ka ka mohlape, bana ba banyenyane ba bona ba thala.


Ba qeta matsatsi a bona menyakeng, ba theohela nqalong ya bafu hanghang.


Ka baka leo, o etse setswalle le Modimo, mme o tla bona kgotso; ka mokgwa o jwalo, leseho le tla tla ho wena.


Ha o ka kgutlela ho Ya matla wohle, o tla boela o tsoswe; feela, o leleke bokgopo tenteng ya hao.


Mme Jehova a hlohonolofatsa qetello ya Jobo ho fetisa qalo ya hae; a rua dinku tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse lekaneng dijoko tse sekete, le diesele tse sekete tse tshehadi.


ba sa etseng bokgopo, ba mpang ba tsamaya ditseleng tsa hae!


Hobane Jehova o thabela setjhaba sa hae, o kgabisa bahlomohi ka ho ba pholosa.


O tla ntsebisa tsela ya bophelo. Kgora ya thabo e teng pela hao, le dinyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.


Empa haele ya nkutlwang, yena o tla ikahela ka kgotso, a se na ho tsoha kotsi.


Ha le rata ho utlwa, le tla ja monono wa lefatshe;


Jwale, bakang mekgweng ya lona le diketsong tsa lona, le mamele lentswe la Jehova, Modimo wa lona, mme le yena Jehova o tla bakela bobe boo a bo boletseng hodima lona.


Empa ke yona taba eo ke ba laetseng yona, ka re: Le nne le mamele lentswe la ka, mme ke tla ba Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka, le tsamaye mehlaleng yohle eo ke le laelang yona, le tle le hlohonolofale.


Modimo o bokwe, hobane lona le neng le le bahlanka ba sebe, jwale le dumetse ka pelo ho ya ka mehlala ya thuto eo le e rutilweng.


Etlare ha o le tsietsing, mme tsena kaofela di o hlahetse, mehleng ya morao, o tla sokolohela ho Jehova, Modimo wa hao, o utlwe lentswe la hae.


Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla.


Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.


Le ipheletse lefatsheng ka menate, le bone menyaka, le nontshitse dipelo tsa lona letsatsing la hlabo.


Mo hlokofatseng, le be le mo hlomodise, ho tle ho be ho lekane le ho ithorisa le ho nyakalla ha hae, hobane o itse pelong ya hae: Ke dutse ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme nke ke ka tseba bofifi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ