Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.
Ho itswe ke Jehova, Molopolli wa hao, Mohalaledi wa Iseraele: Nna Jehova, Modimo wa hao, ke o ruta se o tshwanelang, ke o tsamaisa ka tsela eo o tshwanetseng ho tsamaya ka yona.
Ha o a ka wa di utlwa le hanyenyane, ha o a ka wa di tseba, mme ditsebe tsa hao ha di a ka tsa bulelwa tsona pele, hobane ke tsebile hoba o lehata, le hoba o bitsitswe moikgantshi esale o etswa popelong ya mmao.
batho le diphoofolo di mpe di apare masela a mahwashe, batho ba ke ba howeletse ka matla ho Modimo, mme e mong le e mong a furalle metsamao ya hae e mebe le bokgopo bo matsohong a hae.
Ke ne ke itse: Feela o ntshabe, o amohele kgalemelo! ... Hoja o ka etsa jwalo, bodulo ba wona bo ka be bo sa tlo fediswa, ka tsohle tseo ke di laetseng hodima wona; empa ba tsohetse ho senya diketso tsa bona kaofela.
Mosadi e mong ya bitswang Lidia, mohwebi wa purepera, wa motse wa Thiatire, ya tshabang Modimo, a mamela; Morena a bula pelo ya hae hore a ele ditaba tse bolelwang ke Pauluse hloko.