A ntoo mo isa kantle, a re: Lelala jwale, o tadime mahodimo, o bale dinaledi, ha ekaba o ka di bala. Yaba o re ho yena: Ditloholo tsa hao di tla ba kalo.
Empa jwalokaha lehodimo le phahame hodimo ho lefatshe, ditsela tsa ka di phahame jwalo hodimo ho ditsela tsa lona, le mehopolo ya ka hodimo ho mehopolo ya lona.
Jehova o pelo e telele, o moholo ka matla, ha a latolele motho molato wa hae. Jehova! ... tsela ya hae e hara sefefo le sekgohola, maru ke lerole la maoto a hae.
Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.