13 Tjhe! Modimo o ke ke wa utlwa dithapelo tsa lefeela, Ya matla wohle a ke ke a di ela hloko.
13 Ruri Modimo a ke ke a mamela mafeela, Ya Matla wohle a ke ke a a natsa.
Leha a ka itshepisa ka bobe, o tla thetseha, etswe moputso wa hae e tla ba bobe.
Ke howeletsa ho wena, ha o nkarabe. Ke eme mona, o ntonela mahlo;
o tla retelehela ho ba lesitsi ba rapelang, mme a ke ke a nyedisa thapelo ya bona.
Hola eba ke hopotse bokgopo pelong ya ka, Morena a ka be a sa ka a nkutlwa;
Jehova o hole le ba babe; empa o utlwa merapelo ya ba lokileng.
Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.
Ya fapanyang tsebe le molao hore a se ke a o utlwa, esita le thapelo ya hae e manyala.
Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.
Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya ba hlahisetsa kotsi eo ba ke keng ba e phema; ba tla howeletsa ho nna, empa ha ke na ho ba utlwa.
Ha ba howeletse ho nna ka dipelo tsa bona, empa ba bokolla phateng tsa bona, ba bokana hammoho bakeng sa mabele le jwala, mme ba mphuralla.
Leha le itlhahisetsa ditjheso le dinyehelo tsa lona, ha ke di thabele, leha e le mahlabelo a dinonneng tsa lona ha ke a tadime.
Mohlang oo, ba tla howeletsa ho Jehova, empa a ke ke a ba utlwa; o tla ba patela sefahleho sa hae nakong eo, kahobane ba sentse metsamao ya bona.
Ha le rapela, le se ke la touta jwaloka bahetene; hobane ba hloma ba tla utluwa ke ho bua haholo.
Re a tseba hobane Modimo ha o utlwe baetsadibe; empa ekare ha e mong a hlonepha Modimo, a etsa thato ya wona, o ye o mo utlwe.
Le a kopa, mme ha le fuwe, kahobane le kopa hampe, ho nkela ditakatso tsa lona.