35 Jobo ha a ka a bua ka bohlale, ditaba tsa hae ke tse sa utlwahaleng.
35 ‘Jobo o ipuela feela a se na tsebo, polelo tsa hae bohlale di a bo hloka.’
Seo le se tsebang ke a se tseba le nna, ha ke monyenyane ho lona.
Na motho ya bohlale a ka araba ka ditaba tsa lefeela na? Na fuba sa hae se tletse moya wa botjhabela na?
Banna ba kutlwisiso ba tla bolela jwaloka nna, le motho ya bohlale ya mmametseng o tla re:
mme o ntse a ahlamisa molomo wa hae a se na taba; o ntse a bua ditaba tse sa utlwahaleng.
Ya fifatsang morero wa ka ka dipolelo tse se nang kelello ke mang?
Ke haele mang ya ka fifatsang merero ya hao ka dipolelo tse se nang kelello? Ke fela ke buile, ke se na kutlwisiso, ke boletse mehlolo e mphetang, eo ke sa e utlwisiseng.