Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 34:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 A Modimo o tla ya ka wena, ha o putsa motho na? O re, ha o kgolwe ke molao oo o yang ka wona! A e be wena, e seng nna, ya kgethang o mong molao; hlahisa seo o se tsebang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 na o re Modimo a ye ka thato ya hao, athe wena o nyatsa diketso tsa hae? Boikgethelo ke ba hao, hase ba ka, kahoo wena bolela seo o se tsebang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 34:33
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha a ka itshepisa ka bobe, o tla thetseha, etswe moputso wa hae e tla ba bobe.


Wena ya ikgarolang ka bohale ba hao, na lefatshe le tla fetoha lefeella ka baka la hao, mafika a suthiswe tulong tsa wona na?


Ha o ena le pelaelo, o nkarabe; bua, hobane ke rata ho o lokafatsa!


Ha o ena le matla, o nkarabe, o emele nyewe ya hao, o itokise.


Empa o busetsa ho motho ho lekanang le mesebetsi ya hae, o mo fumantsha ho lekanang le mekgwa ya hae.


Banna ba kutlwisiso ba tla bolela jwaloka nna, le motho ya bohlale ya mmametseng o tla re:


Ke mang eo ke nang le molato wa hae, ke tle ke tshwanele ho mo lefela? Tsohle tse katlasa lehodimo kaofela ke tsa ka.


Bona, o ntshwere: o ka thibelwa ke mang? Ke mang ya tla re ho wona: O etsang?


seo a se ratang kaofela Jehova o se etsa mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng kaofela.


Ke tseo o di entseng, mme kahobane ke ikgutseditse, o hopotse hoba nna ke ya jwaloka wena; ke tla o kgalemela, ke hlanole tsohle mahlong a hao.


Bonang! ha esita motho ya lokileng a fuwa moputso wa hae lefatsheng lena, ho tla ba jwang ho e mobe le ho moetsadibe!


Ho madimabe ya tsekisanang le Mmopi wa hae; athe ke lengeta hara mangeta a mang a letsopa! Na letsopa le ka re ho ya le bopang: O etsang na? Kapa mosebetsi wa hao o ka bua bakeng sa hao, wa re: Ha o na matsoho na?


Etlare ha ba ka hana ho nka senwelo letsohong la hao ho nwela teng, ebe moo o ba bolellang, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ho nwa le tla nwa.


Kapa ke mang ya mo fileng pele, ho tle ho busetswe ho yena?


Empa wena motho, o mang ha o tsekisa Modimo? Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng: O ne o nketsetsang jwalo na?


a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.


Hobane ha esitile lentswe le boletsweng ka mangeloi le sa ka la lesa ho tiya, mme ho tlola le ho se utlwe hohle ha ba ha hlahelwa ke moputso o ho lekanang,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ