Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 34:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Hobane mahlo a wona a tadimile mekgwa ya batho bohle, mme o bona metsamao ba yona kaofela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 “Mahlo a hae a disitse metsamao ya batho, mehato yohle ya batho le yona o a e bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 34:21
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o rea Jehova ya buileng le yena lebitso la Atta-Ele-roi (Wena, Modimo, o a mpona), hobane a re: Kanthe le mona ke bone ke se ke bonwe.


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


Na o na le mahlo a nama na? Na o bona kamoo batho ba bonang kateng na?


Hobane o tseba bolotsana ba batho, o bona bobe leha o sa bo hlokomele.


ke hona ho tla ba poloko ho nna; hobane moikaketsi a ke ke a itlhahisa pela wona.


Empa jwale, o bala mehato ya ka, o hlokometse dibe tsa ka.


O mo fa boiketlo, ebe o a tiya, mahlo a wona a tadimile mekgwa ya hae;


Na ha o bone ditsela tsa ka na? Na ha o bale mehato ya ka kaofela na?


Ke yena ya bopileng dipelo tsa bona bohle, ya elang mesebetsi ya bona kaofela hloko.


Mahlo a Jehova a ntse a tadimile ba lokileng, ditsebe tsa hae di bulehetse mehoo ya bona.


Mahlo a Jehova a dinqalong tsohle, a qamaka ba babe le ba batle.


Hobane metsamao ya motho e pontsheng ho Jehova; ke yena ya lekolang mehlala ya hae yohle.


Hobane mahlo a ka a tadimile mekgwa yohle ya bona e se nang ho pateha pela ka, le bokgopo ba bona bo se nang ho apeswa pontsheng ya ka.


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


Na motho a ka ya a pateha sephiring, hore ke se ke ka mmona, ho bolela Jehova? Ha ke re, mahodimo le lefatshe a tletse nna, ho bolela Jehova?


O moholo mererong, o matla diketsong, mahlo a hao a shadima mekgwa yohle ya bana ba batho, ho busetsa ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana tsa diketso tsa hae;


Bonang, mahlo a Morena Jehova a tjametse mmuso o tletseng dibe, mme ke tla o timetsa hodima lefatshe; feela, nke ke ka timeletsa ntlo ya Jakobo ruri, ho bolela Jehova.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ