Empa Pauluse a re ho yena: Modimo o tla o phobola, wena lerako le kwetlisitsweng; hobane o duletse ho nkahlola ka molao; athe ha o laela hore ke phobolwe, o tlola molao!
Ka baka leo, ke re: Neang batho bohle se ba tshwanelang: ya tshwanelwang ke lekgetho, le mo nee lekgetho; ya tshwanelwang ke seabo, le mo nee seabo; ya tshwanelwang ke tshabo, le mo tshabe; ya tshwanelwang ke hlompho, le mo hlomphe.
haholo ba dumelang ho hulelwa ke nama ditakatsong tse ditshila, ba nyedisang borena. Baikgantshi, baikgohomosi bao, ha ba tshabe ho nyefola ba kganyang;