Yaba nama yohle e nyekenyehang lefatsheng ya eshwa: dinonyana, le makgomo, le diphoofolo, le dihahabi tsohle tse hahabang lefatsheng, le batho kaofela.
Athe re fela re tshwanetse ho shwa, re jwaloka metsi a tsholohetseng fatshe, a ke keng a boela a bokellwa; wona Modimo ha o amohe motho bophelo ba hae, athe o ye o hopole mokgwa wa hore ya lelekilweng a se ke a lahlelwa ruri pela wona.
Ha ke sa na bohale; leha ho le jwalo, ha nka kgahlana le dibajwa le meutlwa, ke tla lwana le tsona, ke itihele ho tsona, ke di tjhese kaofela ha tsona.