14 Hola o ikgopola o le mong, hola o boela o inkela moya wa wona le pululo ya wona,
14 Haeba e ne le morero wa hae, a busetsa moya wa bophelo ho yena,
eo meya ya tse phelang kaofela e leng letsohong la hae, le phefumoloho ya batho bohle?
Motho keng, hore o mo hlomphe, le hore o mo hlokomele;
Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?
Ha o pata sefahleho sa hao, di tsielehe; ha o di amoha phefumoloho, di fele, mme di kgutlele leroleng.
O kgutlisetsa batho leroleng, mme o re: Kgutlelang, lona, bana ba batho!
lerole le eso ho kgutlele leroleng, moo le tswileng teng, moya o eso ho kgutlele ho Modimo o neng o o nee.
Ba tla hlahlelwa jwaloka ba hapilweng, ha ba hlahlelwa teronkong, ba kwallwe mameneng; mme hobane ho fete matsatsi a mangata, ba tla otlwa.