30 ho kgutlisa moya wa motho lebitleng, hore a tle a bonesetswe ke lesedi la bophelo.
30 hore a phemise motho ho theohela lebitleng, sedi la bophelo le tle le mmonese.
hore o pholose moya wa hae lebitleng, o mo phemise lerumo le bohale.
eba Modimo o a mo hauhela, mme o re ho lona: Mo namole, a tle a se ke a theohela lebitleng, ke bone se ka mo lopollang.
o lopolotse moya wa ka hore ke se theohele lebitleng; bophelo ba ka bo ntse bo thabetse lesedi.
Mamela, Jobo, o be o nkutlwe! o thole, mme ke tla bolela!
a romela lentswe la hae, a ba fodisa, a ba ntsha mabitleng a bona.
Jehova, Modimo wa ka, tadima, o nkutlwe! O edise mahlo a ka, hore ke tle ke se ke ka robala boroko ba lefu;
e ka kgona o ye ho moloko wa bontatao, ba ke keng ba boela ba bona lesedi.
Hobane o lwetse bophelo ba ka lefung, o bolokile maoto a ka ho weng, ke tle ke tsamaye pela hao, Modimo, leseding la ba utlwang.
Tloong, ba ntlo ya Jakobo, a re tsamayeng leseding la Jehova!
Bona, mahlomola a ka a mphetohetse poloko, o ithatetse ho ntsha moya wa ka lebitleng la ho fela; hobane o lahletse dibe tsa ka kaofela kamora hao.
Haele wena, ka baka la madi a selekane sa hao, ke tla lokolla batshwaruwa ba hao sekoting se se nang metsi.
Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.
o tle o tutubolle mahlo a bona, hore ba tlohe lefifing ho kena leseding, ba tlohe le matleng a Satane ho sokolohela ho Modimo, mme ba bone tshwarelo ya dibe tsa bona le lefa hara bahalaledi ka ho dumela ho nna.