Lengeloi, eitse ha le lebisa letsoho la lona nqa Jerusalema hore le bolaye ba teng, Jehova a ba utlwela bohloko ka baka la tshenyeho, a re ho lengeloi le bolayang setjhaba: Ho lekane; honyetsa letsoho la hao jwale! Ke ha lengeloi la Jehova le ne le eme pela seotlo sa Arauna Mojebuse.
Hobane Jehova o tla haola ka Egepeta, a e otle, mme etlare ha a bona madi sefateng se hodimo le dikoseneng, Jehova o tla feta hodima monyako, a se ke a dumella mosenyi hore a kene ka matlung a lona ho le otla.