Kapa, o nyedisa monono wa mosa wa wona, le wa sebete sa wona, le wa pelo ya wona e telele, ka ho se lemohe hoba molemo wa Modimo o o kgannela pakong na?
Mme le lemohe hobane mamello ya Morena wa rona, ke poloko; jwalokaha Pauluse, ngwanabo rona ya ratwang, a le ngoletse le yena, ka bohlale boo a bo neilweng;
Morena ha a diehise dipallo tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rona; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.