11 o tshwasitse maoto a ka, o hlwela mehato ya ka kaofela.
11 Maoto a ka o a tlamile ka mahlaahlela, tselana tsa ka tsohle o a di lekola.’
Ho ya kang ha o tshwasitse maoto a ka ka difate, leha e le ho hlwela dika tsa ka kaofela le ho dikadiketsa bohato ba maoto a ka;
Empa jwale, o bala mehato ya ka, o hlokometse dibe tsa ka.
Na ha o bone ditsela tsa ka na? Na ha o bale mehato ya ka kaofela na?
Ba tshwasa maoto a hae ka difate, a phela jwalo ditshepeng,
Mme Pashkure a otla moporofeta Jeremia, a ba a mo kenya metshwasong e monyakong wa Benjamine o hodimo, ka tlung ya Jehova.
Baahi bohle ba lefatshe ba jwaloka lefeela pela hae, o etsa ka makgotla a lehodimo le ka baahi ba lefatshe kamoo a ratang kateng, ha ho e mong ya ka thibelang letsoho la hae, a re ho yena: O etsang na?
Eo, yare hobane a laelwe jwalo, a ba kenya teronkong e kahare, mme a patisa maoto a bona ka difate.