38 Ha ekaba tshimo ya ka e a nqosa, mme ditema tsa yona di lla hammoho;
38 “Haeba masimo a ka a a nqosa, eba foro tsa wona di tletse dikgapha;
Lehodimo le tla senola bokgopo ba hae, mme lefatshe le tla tsoha ho mo qosa.
Ho suthiswa majwe a mekolokotwane; ho hapuwa mehlape, e aloswa ke ba e hapileng.
Makgulo a tlala mehlape, diphula di apeswa ke mabele, mme ho utlwahala mehoo ya thabo le dipina.
Hobane lejwe le howa le le lerakong, mme balaka yona e le arabela e le marulelong!
Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.