36 Nka be ke fela ka le jara ka lehetla la ka, nka ba ke le rwala phatleng jwaloka moqhaka!
36 Ruri ke ne ke tla e jara hetleng la ka, ke e rwale sa mofapahlooho o rwalwa.
ke ne ke ikapesa ka ho loka, mme ho ne ho nkwahela; toka e ne e le kobo ya ka le moqhaka wa ka;
Hola ke na le ya nkutlwang! Bonang, tiiso ya letsoho la ka ke ena! Hola Ya matla wohle a ka mphetola! Hola lengolo le le teng la ya nqosang molato!
Ke be ke tla mo phetela metsamao ya ka kaofela, mme jwaloka morena ke ne ke tla mo atamela!
Mahakwe a mabedi o tla a bea mahetleng a efoda, e be mahakwe a kgopotso ho bana ba Iseraele; Aarone o tla jara jwalo mabitso a bona pela Jehova mahetleng a hae a mabedi, ho etsa kgopotso. Dikoomana o tla etsa tsa kgauta;
Ke tla bea senotlolo sa ntlo ya Davida lehetleng la hae; o tla bula, mme ha ho ya tla kwala; o tla kwala, mme ha ho ya tla bula.
O tla ba moqhaka o kganyang letsohong la Jehova, le lebenyane la borena letsohong la Modimo wa hao.
Ka baka leo, bana beso ba ratwang, ba hlolohelwang haholo, lona bao le leng thabo ya ka, le moqhaka wa ka, ha le ke le tiye jwalo Moreneng, baratuwa.