Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 31:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 le teng e be e tla ba sebe se tshwanetseng ho otlwa ke baahlodi, hobane ho etsa jwalo ke ho latola Modimo o phahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 tsena le tsona ke dibe tsa ho ahlolwa ke baahlodi, hoba Modimo ya kahodimo ke tla be ke mo latotse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 31:28
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho! o se ke wa etsa taba e jwalo le hanyenyane, wa bolaya ya lokileng hammoho le ya bolotsana, hore ya lokileng a hlahelwe ke ntho e le nngwe le molotsana. Taba eo e be hole le wena! Hleka moahlodi wa lefatshe a ke ke a etsa ka ho loka na?


Ba epela Abnere Hebrone. Teng morena a lla, a bokolla a eme lebitleng la Abnere, le setjhaba sohle sa lla.


Moo, ya lokileng o ne a ka tseka le yena; ke be ke tla lokoloha ka ho sa feleng ho moahlodi wa ka!


hobane hoo ke sebe se tshabehang, ke bokgopo bo tshwanetseng ho otlwa ke baahlodi.


pelo ya ka ya ba ya thetswa ka sephiring, ka isa letsoho melomong ho le aka;


Le hojane ke lokile, nke ke ka araba; nka ithapella mohau wa moahlodi wa ka feela.


Mme mahodimo a tla bolela ho loka ha wona, hobane Modimo ke wona o tla ahlola. (Sela.)


esere mohlomong ha ke kgotshe, ka o latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utswa, mme ke tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


e leng ho kweneha le ho latola Jehova, le ho furalla Modimo wa rona; ho bolela dipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tswala dipolelo tsa leshano dipelong tsa rona.


o tla ya ho baprista ba Balevi, le ho moahlodi ya tla bang teng mohlang oo, o ba botse; mme ba tla o tsebisa kahlolo e loketseng.


Ka molomo ba bolela hore ba tseba Modimo, empa ba o latola ka diketso; ke ba manyala le ba hanang ho utlwa, mme ba sitwa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.


phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,


A re: Jwale lahlang medimo esele e ho lona, mme le sekehele Jehova, Modimo wa Iseraele, dipelo tsa lona!


Joshua a ntoo re ho setjhaba kaofela: Bonang, lejwe lena e tla ba paki ho rona, etswe lejwe lena le utlwile ditaba tsohle tseo Jehova a re boleletseng tsona; e tla ba paki ho lona ke hona, esere mohlomong la latola Jehova, Modimo wa lona.


Empa, jwalokaha baporofeta ba bohata ba ile ba hlaha setjhabeng sa Iseraele, le hara lona baruti ba bohata ba tla ba teng, ba kenyang ka sephiri dithuto tse senyang, mme ka ho latola Morena ya ba lopolotseng, ba tla ikgulela tshenyeho e sehloho hodimo.


E mong le e mong ya latolang Mora ha a bile ha a na le yena Ntate; empa ya bolelang Mora, o bile o na le yena le Ntate.


Hobane hara lona, ho kgukgunetse batho ba bang, bao tsuo ya bona e seng e le kgale e ngotswe; ke batho ba hlokang borapedi, ba fetolang mohau wa Modimo wa rona bohlola, ba latolang Jesu Kreste eo e leng yena Mmusi a nnotshi, le Morena wa rona.


Haele nna, ha ke na molato ho wena; ke wena ya nketsang hampe ka ho ntwantsha. Jehova ha e ke e be yena moahlodi ya ahlolang mahareng a bana ba Iseraele le bana ba Ammone kajeno!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ