Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!
O iphepa ka melora, pelo e thetsehileng ya hae e mo kgelositse; a ke ke a boloka moya wa hae, ha a tsebe ho re: Seo ke se nkileng letsohong na hase leshano?
Yaba o nkisa lebaleng le kahare la ntlo ya Jehova, mme ka bona monyako wa ntlo ya Jehova, pakeng tsa mathule le aletare, banna ba batlileng ho etsa mashome a mabedi a metso e mehlano, ba furaletse ntlo ya Jehova, ba tadimile nqa botjhabela, ba kgumametse letsatsi, nqa botjhabela.
Le jwale, ba sa tiisetsa ho seha; ka silefera ya bona ba iketsetsa ditshwantsho tse tsholotsweng, e leng ditshwantsho tsa medimo kamoo ba ikgopoletseng kateng, e le bona; kaofela ha tsona ke mesebetsi ya ditei. Ha ba bolelwa, ho thwe: Ke ba hlabang batho, ke ba akang manamane!
Hobane, leha ba tsebile Modimo, ha ba ka ba o tlotlisa ka ho re, ke Modimo, mme ha ba ka ba o leboha; empa ba fetohile mawatla mehopolong ya bona, mme dipelo tsa bona, tse hlokang kelello, di fifetse.
Ekare ha ngwaneno, mora wa mmao, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa sefuba sa hao, leha e ka ba motswalle wa hao ya leng jwaloka moya wa hao, a o susumetsa, a re ho wena ka sephiring: a re yeng, re sebeletse medimo esele, eo o sa kang wa e tseba, wena le bontatao,
Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.