Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 31:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 ha ekaba nkile ka boha letsatsi ha le kganya, kapa kgwedi ha e tsamaya ka kganya ya yona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 haeba nkile ka boha tsatsi ha le phatsima, kapa kgwedi e tsamaya ka leredi la yona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 31:26
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tlosa le dipere tse kgethetsweng letsatsi ke marena a Juda; di be di le pela ntlo ya Jehova, kamoreng ya tona Nethane-Meleke, e lebaleng le kantle la tempele; a tjhesa le makoloi a letsatsi ka mollo.


A leleka baprista ba ditshwantsho ba neng beilwe ke marena a Juda ho tjhesa dibano nqalong tse diphahameng, metseng ya Juda, le mathokong a Jerusalema; a leleka le ba tjhesetsang Baale, le letsatsi le kgwedi, le dihlopha tsa dinaledi, le makgotla wohle a lehodimo dibano.


Ha esita le kgwedi e se ntho e kganyang, le dinaledi di sa hlweka pela mahlo a wona,


pelo ya ka ya ba ya thetswa ka sephiring, ka isa letsoho melomong ho le aka;


Elwa ke mang ya hlahang jwaloka mafube, e motle jwaloka kgwedi, ya hlwekileng jwaloka letsatsi, ya tshabehang jwaloka makgotla a hlometseng tlasa difolaga tsa wona?


Empa re tla nne re etse taba tsohle tse tswileng melomong ya rona, re tjhesetse mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino, jwalokaha re ne re ntse re etsa, rona le bontata rona, le marena a rona, le baholo ba rona, metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re ntse re kgora bohobe, ho ntse ho iketlilwe, re sa bone tsietsi.


a tla hasanngwa pontsheng ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya makgotla kaofela a lehodimo, e leng tseo ba nnileng ba di rata, le tseo ba nnileng ba di sebeletsa, le tseo ba nnileng ba tsamaya ho tsona, le tseo ba nnileng ba di botsa, le tseo ba nnileng ba di kgumamela; ha a tla ke a bokellwa leha e le ho epelwa; e tla ba moitedi naheng ena.


Yaba o nkisa lebaleng le kahare la ntlo ya Jehova, mme ka bona monyako wa ntlo ya Jehova, pakeng tsa mathule le aletare, banna ba batlileng ho etsa mashome a mabedi a metso e mehlano, ba furaletse ntlo ya Jehova, ba tadimile nqa botjhabela, ba kgumametse letsatsi, nqa botjhabela.


Iponeleng, pelo tsa lona di se ke tsa thetswa, mme le se ke la kgeloha, la ya sebeletsa medimo esele, la e kgumamela;


leha e le ya yang ho sebeletsa le ho kgumamela medimo esele, leha e ka ba letsatsi, kapa kgwedi, kapa makgotla wohle a dinaledi tsa lehodimo, e leng taba eo ke sa kang ka o laela yona;


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ