Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 31:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Ha ekaba ke entse kgauta tshepo ya ka, ka ba ka re ho kgauta e hlwekileng: Tshepo ya ka e ho wena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 “Haeba nna ke itshepetse kgauta feela, eba kgauta e hlwekisitsweng ke tshepa la ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 31:24
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a utlwa dipolelo tsa bara ba Labane, ba re: Jakobo o inketse ntho tsa ntata rona kaofela, mme o ruile letlotlo lena lohle ka tsa ntata rona.


O lahlele kgauta leroleng, le kgauta ya Ofire majweng a molatswana.


Hobane mohla a shwang, a ke ke a nka letho, mme kganya ya hae e ke ke ya theohela lebitleng le yena.


Ke eo motho ya sa kang a inkela Modimo ho mo etsa qhobosheane ya hae, ya neng a itshepisa ka maruo a hae a maholo, ya neng a ipea matla ka bolotsana ba hae!


Le se ke la tshepa botubo, le se ke la bea tshepo ya lona tlatlapong. Ha le atelwa ke maruo, le se ke la bea dipelo tsa lona ho wona.


Menono ya morui ke qhobosheane ya hae, empa bomadimabe ba mafutsana ke ho fumaneha ha wona.


Ya itshepisang maruo a hae o tla wa, empa ya lokileng o tla hola jwaloka lekala le mahlaku.


esere mohlomong ha ke kgotshe, ka o latola, ka re: Jehova ke mang na? mohlomong ha ke fumanehile, ka utswa, mme ke tlaela ka lebitso la Modimo wa ka.


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


ka boholo ba bohlale ba hao, le ka kgwebo ya hao, o atisitse leruo la hao, mme pelo ya hao e ikgohomositse ka mafumo a hao;


Jesu a qamaka, a re ho barutuwa ba hae: Ho ya ba thata hakakang ho ba nang le maruo ho kena mmusong wa Modimo!


A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.


Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.


Hobane lerato la leruo ke motso wa dibe tsohle; ba bang ka ho le lakatsa ba kgelohile tumelo, mme ba itlhabile ka mahlomola a mangata.


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ