Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 31:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 ha ekaba letsoho la ka le kile la otla kgutsana, kahobane ke bone ha ke emetswe ke ba dutseng kgorong;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 haeba nkile ka otla kgutsana ka tsoho la ka, hobane ke tseba hore ka kgotla nke ke ka tsuwa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 31:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o ne o kgutlisa basadi ba bahlolohadi ba le feela, o ne o lesa letsoho la dikgutsana ho robeha.


Ho pshemolawa kgutsana letsweleng, bahloki ba amohuwa tsa bona,


Ke hobane ke ne ke lwela mosenyehi, ha a kopa thuso, le kgutsana e hlokileng mothusi;


Enere ha ke tswela kgorong ya motse, ke ne ke bea setulo sa ka lebaleng la yona;


leha ekaba ke jele bohobe ba ka ke nnotshi, ke sa ka ka bo ngwathela kgutsana;


mme matheka a bona a sa ka a ntlhohonolofatsa, mme ba sa ka ba futhumala ka boya ba dikonyana tsa ka;


Le mpa le le ba ka akgelang letlowa hodima kgutsana, le ho rekisa ka motswalle wa lona.


Ahlolelang ba banyenyane le dikgutsana; le lokisetse mohlomohi le ya lesitsi;


Ba nonne, ba sotse, le hona ba tlodisa bobe bo ka bolelwang. Ho ahloleng ha ba ahlole, ha ba ahlolele kgutsana, mme ba atleha; ha ba etsetse nyewe ya mafutsana kahlolo.


Ha hao, batho ba rohaka bontata bona le bomma bona; ha hao, moditjhaba o a tujwa; ha hao, kgutsana le mosadi wa mohlolohadi ba hatakelwa.


Ba kena ka matsoho a mabedi bobeng, hore ba bo phethe: morena o a qela, moahlodi o ahlolela moputso, e moholo yena o bolela takatso e mpe ya moya wa hae; hammoho ba sothanya ditaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ