Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 31:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 ha ekaba nkile ka bona e mong ya timelang a se na diaparo, kapa mofumanehi ya hlokang seo a ikapesang ka sona,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 haeba nkile ka bona motho a eshwa ke ho hloka diaparo, kapa mofumanehi a se na le nketlana;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 31:19
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna ba tswa thonngwa ka mabitso ba ema, ba nka batshwaruwa, mme ka ntho tsa kgapo ba apesa bohle ba bona ba neng ba hlobotse; ba ba apesa, ba ba rwesa dieta, ba ba nea ho ja le ho nwa, ba ba tlotsa; ba palamisa bohle ba kgathetseng diesele, mme ba ba isa Jeriko, motseng wa dipalema, ho banababo bona; ba ntoo kgutlela Samaria.


Hobane o nkile tebeletso ho wa heno feelafeela; o hlobodisitse bahloki, wa nka dikobo tsa bona;


mohloki o suthiswa mmileng, mme e ka kgona mafutsana a naha a ipate kaofela.


ke ne ke hlohonolofatswa ke ya neng a le lekgatheng la ho timela, ka kenya thabo pelong ya mosadi wa mohlolohadi;


[athe, e sa le botjheng ba ka, o holetse ho nna, ka ba ho yena jwaloka ntatae, mme ke tsamaisitse mosadi wa mohlolohadi haesale ke etswa popelong ya mme]


mme matheka a bona a sa ka a ntlhohonolofatsa, mme ba sa ka ba futhumala ka boya ba dikonyana tsa ka;


Na hase hore o abele ya lapileng bohobe ba hao, o amohele mofutsana ya twailang tlung ha hao na? Leha o bona motho ya hlobotseng, o mo apese, o se ke wa ipata pela ngwaneno.


ke na be ke hlobotse, mme la nkapesa; ke na be ke baba, mme le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, mme la tla ho nna.


ke na be ke le moeti, mme ha le a ka la nkenya tlung ha lona; ke na be ke hlobotse, mme ha le a ka la nkapesa; ke na be ke le pabong, le teronkong, mme ha le a ka la tla mpona.


A araba, a re ho bona: Ya nang le dikobo tse pedi a abele ya se nang yona, le ya nang le dijo a etse jwalo.


Yaba Petrose o tloha, a tla le bona. Yare ha a fihla, ba mo isa phaposing e kahodimo; basadi ba bahlolohadi kaofela ba itlhahisa pela hae, ba ntse ba lla, ba mmontsha mese le diaparo tseo Dorkase a neng a ba etsetsa tsona, ha a sa na le bona.


mme e mong ho lona a re ho bona: Eyang ka kgotso, le futhumale, le kgore! athe ha le a ba nea tse batlwang ke mmele ya bona, ho thusang?


Bana ba ka, re se ke ra rata ka dipolelo le ka leleme, e mpe e be ka ketso le ka nnete.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ