Ba re ho bona: Eyang, le je tse nonneng, le nwe tse monate, mme le romele ba sa kang ba lokisetswa letho diabo; hobane tsatsi lena ke le kgethetsweng Morena wa rona; hape, le se ke la itlhomodisa; hobane thabo ya Jehova ke matla a lona.
O ne a ntse a hodisa Hadassa, kapa Esthere, moradi wa malomae, etswe a ne a se na ntatae le mmae; morwetsana eo o ne a le motle, a boheha; mohla ho shwang ntatae le mmae, Mordekai o ne a mo nkile, a mo etsa moradi wa hae.
[athe, e sa le botjheng ba ka, o holetse ho nna, ka ba ho yena jwaloka ntatae, mme ke tsamaisitse mosadi wa mohlolohadi haesale ke etswa popelong ya mme]
Erekaha Judase e ne e le yena ya nang le mokotlana wa ditjhelete, ba bang ba ne ba lekanya eka Jesu o mmolella, a re: O reke seo re se hlokelang mokete, leha e le se ka newang bafumanehi.
Bongata bohle ba ba dumetseng bo ne bo le pelo e le nngwe le moya o le mong feela; ho ne ho se motho ya reng, dintho tseo a nang le tsona ke tsa hae, empa dintho tsa e mong le e mong ba ne ba re, ke tsa bona bohle.
Hobane mohloki a ke ke a hlokahala lefatsheng le ka mohla o le mong; ke ka baka leo ke o laelang, ke re: o fuparollele ngwaneno eo e leng mohloki le mofumanehi naheng ya hao diatla tsa hao.
O mpe o mo baballe ka mpho e nngwe ya dinku tsa hao, le ya tsa seotlo sa hao, le ya tsa sehatelo sa hao sa veine; o mo fe tsa tseo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka tsona.
Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke ha motho a lekola dikgutsana le basadi ba bahlolohadi mahlomoleng a bona, mme a ipoloka lefatsheng a se na le lethebanyana.
Empa motho ha a na le dintho tsa bophelo ba lefatshe, mme a bona ngwanabo a hloka, mme a mo kwalla pelo ya hae, lerato la Modimo le dutse jwang ho yena?