Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 31:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha ekaba ke ne ke hane thapelo ya mofutsana, ka lebellisa mosadi wa mohlolohadi, a ba a khathala mahlo,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 “Haeba nkile ka hanyetsa kopo ya mofutsana, eba mohlolohadi o lebeletse, mahlo a ba kgathala;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 31:16
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hobane o tubile basenyehi, o ba lahlile; mme leha a sentse matlo ka mano, ha a ka ke a a tsosa.


tshepo e teng ho ya fokotseng, mme ba sa lokang ba thijwa molomo.


O abela, o fa bahloki; ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng; lenaka la hae le ema ka kganya.


Mahlo a ka a idiballa poloko ya hao le pallo e lokileng ya hao.


Mahlo a ka a ebile ke ho lebella pallo ya hao, mme ke re: O tla ntshedisa neng?


Ke kgathaditswe ke ho howa, mmetso wa ka o omeletse; mahlo a ka a fifala, ha ke ntse ke lebeletse Modimo wa ka.


Le se ke la tshwenya mosadi wa mohlolohadi, leha e le kgutsana.


O se ke wa ja mofutsana ka hoba e le mofutsana, o se ke wa pitla mohlomohi kgotla;


O fuparollela bafumanehi seatla sa hae, o se otlollela mohloki.


ho amoha mafutsana tokelo ya wona, le ho hlakola tokelo ya bafumanehi ba setjhaba sa ka, ho etsa bahlolohadi kgapo ya bona, le ho ja dikgutsana.


Ka ba ka lla jwaloka moholodi le lefokotsane, ka bohola jwaloka leebakgorwana; mahlo a ka a kgathala ke ho lelala hodimo! Jehova, ke matswalong, o mpoloke!


Le kajeno, mahlo a rona a ntse a eba ke ho lebella thuso ya rona! Ke lefeela; tebellong ya rona re lebile ho setjhaba se se nang ho pholosa.


a sa tube motho, a sa nke tebeletso, a sa tlatlape, a mpa a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo;


Ekare ha ngwaneno ya pela hao a fumaneha, mme letsoho la hae le fokola mosebetsing, o mo thole; o etse jwalo le ho motho wa setjhaba sesele, leha e le ho moeti, a tle a phele ha eno.


Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le metsa matlo a basadi ba bahlolohadi, ka ho re, le ba etsetsa merapelo e melelele; ka baka leo, le tla ahlolwa ka kahlolo e fetisisang.


Ya nkileng ditalenta tse pedi, a rua tse ding tse pedi le yena ka mokgwa o jwalo.


o ne a lakatsa a ka kgora makumane a wang tafoleng ya morui; hape le tsona dintja di ne di tla, di nyeka dibebe tsa hae.


Barutuwa ba eba ntswe le le leng ho romela baena ba ahileng Judea dithuso, kamoo e mong le e mong a neng a ka ntsha kateng.


Feela ba re, re no hopola bafumanehi, mme ke sona seo ke thootheletsweng ho se etsa.


Bara ba hao le baradi ba hao ba tla neelwa setjhaba sesele, mme mahlo a hao a tla bona hoo, mme a tla teneha ke ho ba lebella letsatsi lohle, mme matla a tla ba siyo matsohong a hao.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke ha motho a lekola dikgutsana le basadi ba bahlolohadi mahlomoleng a bona, mme a ipoloka lefatsheng a se na le lethebanyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ