Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 31:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ha ke re, ya mpopileng popelong, le eo o mmopile na? Na hase wona o re entseng popelong ya mosadi na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ha ke re Mmopi wa ka ke Mmopi wa bona? Ha ke re ke yena ya re bopileng maleng a bo-mma rona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 31:15
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Athe mmele ya rona e ka mmele ya banababo rona, bana ba rona e ka bana ba bona; leha ho le jwalo, rona, e ka kgona re ise bara ba rona le baradi ba rona bokgobeng; esita le jwale, baradi ba bang ba rona e se e le makgoba; re hloka matla a ho ithusa bakeng seo, kahobane masimo a rona le merara ya rona e se e le ya ba bang.


Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na?


ke ne ke tla etsa jwang, hoja Modimo o ne o ka tsoha, le hoja o ne o ka batlisisa ditaba, ke be ke tla reng ho wona?


ya sa kgetheng tshobotsi ya baholo, ya sa rateng morui ho ena le mofumanehi; etswe bohle e le mosebetsi wa matsoho a hae?


Na ya shwang a ka loka pela Modimo na, kapa motho na o hlwekile pela Mmopi wa hae na?


JOD. Diatla tsa hao di nkentse, ka bopjwa ke tsona; o mphe kutlwisiso, ke tle ke ithute ditaelo tsa hao.


Ya tubang mofutsana o nyedisa Mmopi wa hae; empa ya molemo ho mofumanehi o a mo rorisa.


Morui le mofumanehi ba kgahlana hammoho; ya ba entseng ba babedi ke Jehova.


Na hase hore o abele ya lapileng bohobe ba hao, o amohele mofutsana ya twailang tlung ha hao na? Leha o bona motho ya hlobotseng, o mo apese, o se ke wa ipata pela ngwaneno.


Ha ke re, rona kaofela re tswetswe ke motho a le mong? Na ha re a bopjwa ke Modimo o le mong na? Re etsetsana keng he ka bolotsana e mong le e mong le ngwanabo, re hlompholla keng selekane sa bontata rona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ