Ka baka lena, Jehova o re: Bona, ke tla o tsosetsa bobe tlung ya hao, ke nke basadi ba hao pontsheng ho wena, ke ba nee wa heno, a tle a robale le basadi ba hao pontsheng ya letsatsi lena.
matsibolo kaofela a lefatshe la Egepeta a tla shwa, ho qala ka letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la lekgabunyane le dutseng kamora lelwala, le matsibolo kaofela a diphoofolo.
Ka baka leo, ke tla nea ba bang basadi ba bona, bahapi ba nke masimo a bona, hobane bohle ba hlile ba ineela takatso ya ho rua, e monyenyane le e moholo, moporofeta le moprista; e mong le e mong o etsa bohata.
O tla nyala mosadi, mme e mong o tla robala le yena; o tla haha ntlo, empa ha o ka ke wa dula ho yona; o tla hloma morara, empa ha o ka ke wa ikotulela ditholwana tsa wona.