21 ho nna o fetohile sera se se nang mohau, o ntwantsha ka letsoho la hao le matla;
21 O mphuthuhela o se na mohau, tsoho la hao le matla le a ntwantsha.
Na o ka thaba ka ho nketsa hampe, hore o be o lahle mosebetsi wa matsoho a hao, mme o kganyetse merero ya ba babe na?
O patelang sefahleho sa hao? O ntadimelang jwaloka eka ke sera ho wena?
Na le ntlhorisetsang jwaloka Modimo? Ha le kgolwe keng ka nama ya ka?
Na o tla ntwantsha ka matla wohle a wona? Tjhe, le hanyenyane! o tla nkela hloko feela.
Yaba ho tuka bohale ba Elihu, mora wa Barakeele, wa Buse, wa ntlo ya Rame; bohale ba hae ba tukela Jobo, hobane a ipeile ya lokileng ho fetisa Modimo;
Hola Modimo o ka dumela ho nthubakanya, wa otlolla letsoho la wona, wa mpolaya.
Matla a dutse letsohong la hao, seatla sa hao se tiile, letsoho le letona la hao le phahamile.
Dinyatsi tsa hao kaofela di hlile di o lebetse, ha di sa re letho ka wena, kahobane ke o batile ka leqeba leo e kang ke la sera, le ka kgalemelo e thatathata, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di ngatafetse.
Ka baka leo, le ke le ikokobetse katlasa letsoho le matla la Modimo, o tle o le phahamise nakong e tshwanelang.