19 Modimo o ntihetse seretseng, ke tshwana le lerole le melora.
19 Modimo o nkakgetse kahara seretse, ke se ke tshwana le lerole le wona molora.
Abrahama a araba, a re: Bona hle, ke betile pelo ho buisana le Morena, leha ke le lerole le molora feela.
A nka lengeta ho ikgwabitla ka lona, a ntse a dutse thotobolong.
Ke fela ke inyatsa, mme ke iteta sefuba ke le leroleng le moloreng.
leha ho le jwalo o ntshobunya diretseng, mme nka tenwa le ke dikobo tsa ka.
O nnyolle diretseng, mme o se ke wa ntesa ka tetebella teng, ke be ke bolokwe ho ba ntlhoyang le bodibeng ba metsi,
Ba tshwara Jeremia, ba mo lahlela lemeneng la Malkia, mora morena, le neng le le lebaleng la ntlo ya teronko; ba theolela Jeremia teng ka marapo; ho ne ho se metsi lemeneng, empa le le seretse, mme Jeremia a tetebela seretseng.