17 ke ne ke roba meno a ya bolotsana, ke ne ke hlwibila thusolelo menong a hae.
17 Ke ne ke roba mekwetsepe ya ba kgopo, ke pholose ba seng ba le menong a bona.
Ke ne ke lekanya, ke re: Ke tla shwa ditaong tsa ka, ke tla atisa matsatsi a ka jwaloka lehlabathe;
Bohloko le bona bo tla ho mo laya diphateng tsa hae, ha a utlwa masapo a hae a opa ho sa kgutse;
tau e tiileng e timela ke ho hloka see a se rusollang, mme madinyane a tau e tshehadi a qhalantswe.
Ya madimabe o mo lokolla jwalo lerumong la melomo ya bona le letsohong la ya matla;
ba ka be ba re hohlomeditse re ntse re utlwa, mohla bohlanya ba bona bo re tukelang;
Ho roriswe Jehova ya sa kang a re neela ho rusollwa ke meno a bona!
Tsoha, Jehova; o mpoloke, Modimo wa ka; etswe e le wena ya robang mohlahare wa dira tsa ka kaofela, o thuhang meno a bakgopo.
Ba be jwaloka kgofu e menyelang e ntseng e eya, ba be jwaloka sefolotsana sa mosadi se sa kang sa bona letsatsi.
Moloko o teng o meno a kang marumo, o meno a mohlahare a kang dithipa, ho ja bahlomohi, ho ba fedisa lefatsheng, ho fedisa le bafumanehi bathong.
ke ne ke tswa ho di phallela, le ho di bolaya, le ho namolela konyana hanong ho tsona; mme leha di ne di ntsohela matla, ke ne ke di tshwara ka ditlena tsa tsona, ke di bolaye, ke di timetse.