Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 29:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ke ne ke ikapesa ka ho loka, mme ho ne ho nkwahela; toka e ne e le kobo ya ka le moqhaka wa ka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ho loka e ne le seaparo sa ka, kahlolo ya ka e le kobo le moqhaka wa ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 29:14
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Taba ya hore le boletse nnete, e be hole le nna; ke tla tiya, ke bolele ho hloka molato ha ka, ke be ke shwe.


Ke itshwareletse ka ho loka ha ka, nke ke ka ho latola; pelo ya ka ha e nkahlole hodima matsatsi a ho phela ha ka leha le le leng.


Nka be ke fela ka le jara ka lehetla la ka, nka ba ke le rwala phatleng jwaloka moqhaka!


AIN. Ke ya ka molao le ka ho loka; o se ke wa nneela batubi ba ka;


Baprista ba hao a ba ke ba apare ho loka, bakgethwa ba hao ba tshele mehoo ya thabo!


Tsatsing leo, Jehova wa magkotla e tla ba yena moqhaka wa mokgabo, le moqhaka o kganyang ho masala a setjhaba sa hae,


O apere dihlomo tsa hae; ho loka ke tshireletso ya sefuba sa hae; hloohong o rwetse heleme ya poloko; phetetso yona ke seaparo sa hae; poulelo yona ke kobo eo a ipopileng ka yona.


Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.


O tla ba moqhaka o kganyang letsohong la Jehova, le lebenyane la borena letsohong la Modimo wa hao.


Ka re: A ba ke ba mo rwese katiba e hlwekileng hloohong. Yaba ba mo rwesa katiba e hlwekileng hloohong, ba mo apesa le diaparo; lengeloi la Jehova le ne le eme moo.


Le mpe le ikapese ka Morena Jesu Kreste, mme le se ke la baballa nama ho e kgorisa ditakatsong tsa yona.


ka lentswe la nnete, ka matla a Modimo, re ithusa ka dihlomo tsa ho loka tse tshwarwang ka letsoho le letona le ka le letshehadi;


Tiyang ke hona, le ntse le itlamile matheka ka senyepa sa nnete, mme le apere tshireletso ya sefuba, e leng ho loka.


o mpe o busetse tebeletso ho yena, ha letsatsi le dikela, a tle a robale ka kobo ya hae, mme a o hlohonolofatse; ho wena hoo e tla ba ho loka pela Jehova, Modimo wa hao.


Empa rona, bao re leng bana ba motshehare, a re tshabeng botahwa, mme re apare tshireletso ya sefuba, e leng tumelo le lerato, mme re rwale heleme ya tshepo ya poloko.


mme o neilwe ho ikapesa ka lene e ntle, e kganyang, e hlwekileng; hobane lene e ntle eo ke ho loka ha bahalaledi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ