Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 28:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 mohla o beelang pula melao, o bontshang tladi e dumang tsela ya yona;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 ha a ne a beela pula taelo, lehadima le lona a le betlela tsela,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 28:26
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ebile hona o bo bonang, o bo bonahatsang; o bo tiisitse, wa ba wa bo leka.


Bona, Modimo o moholo, re ke ke ra o tsebisisa, bokae ba dilemo tsa wona bo ke ke ba fumanwa.


O hula marothodi a metsi, mohodi oo o o bopang ka wona o hlotlha dipula


Ke mang ya utlwisisang ho otlana ha maru, le modumo oo tente ya wona e dumang ka wona?


O nkile letolo matsohong a wona, o le laela ho otla bakgopo.


Hape, o belesa maru ka metsi, o mathisa maru a tletseng letolo;


Utlwang! utlwang ho duma ha lentswe la wona, le modumo o tswang molomong wa wona!


O le utlwahatsa hohle sebakeng sa lehodimo, o betsa mahadima a wona ho isa pheletsong tsa lefatshe.


Mme hanghang, lentswe la wona le a duma, o duma ka lentswe la boholo ba wona; ha o ke o thiba mahadima, ha lentswe la wona le utlwahala.


O re ho lehlwa: Kgethehela lefatsheng! O rialo le ho pula le ho dikgohola tse kgolo.


Ke mang ya entseng masobana a hasang dipula, le tsela ya lehadima le dumang;


ho nesa pula nahathothe, le naheng e tshehla, moo ho sa aheng motho teng;


ho nosetsa dinaha tsa mafeella, tse omileng, ho medisa jwang bo botala?


Ke yena ya tsosang maru dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang dipula ka diaduma, ya ntshang meya dipolokelong tsa hae;


mollo, le sefako, lehlwa le mehodi, meya ya difefo e phethang ditaelo tsa hae;


Jehova o mpopile ho qaleng ha ditsela tsa hae, mesebetsi ya hae e eso ho be teng, boholoholo.


Na e mong a ka ba teng hara mafeela a ditjhaba ya nesang pula? Kapa a mahodimo a teng a neang dipula? Na hase wena, Jehova, Modimo wa rona? Le hona re ntse re itshepetse wena, hobane ke wena ya etsang tseo kaofela.


Hape, ke ne ke le time dipula, ho sa setse dikgwedi tse tharo pele ho kotulo, ka e nesetsa motse o mong, motse o mong ke se ke ka o nesetsa; tshimo e nngwe ya nesetswa, tshimo e nngwe e sa kang ya nesetswa ya omella;


Qelang pula ho Jehova ka nako ya dipula tsa selemo: ke Jehova o hlahisang mahadima; o tla ba nea pula ya modupe, a fe e mong le e mong tse melang tshimong ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ