Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 28:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 hobane o bona ho isa pheletsong tsa lefatshe, o shadima tsohle tse tlasa lehodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 hoba o bona pheletso tsa lefatshe, o bona tsohle tse tlasa mahodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 28:24
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


Na o na le mahlo a nama na? Na o bona kamoo batho ba bonang kateng na?


Hobane o tseba bolotsana ba batho, o bona bobe leha o sa bo hlokomele.


Na ha o bone ditsela tsa ka na? Na ha o bale mehato ya ka kaofela na?


O le utlwahatsa hohle sebakeng sa lehodimo, o betsa mahadima a wona ho isa pheletsong tsa lefatshe.


hore a tshware dipheletso tsa lefatshe, a tle a qhalanye ba bolotsana pela wona na?


Na o utlwisisa bophara ba lefatshe na? Haeba o tseba dintho tseo kaofela, o bolele!


Ke mang eo ke nang le molato wa hae, ke tle ke tshwanele ho mo lefela? Tsohle tse katlasa lehodimo kaofela ke tsa ka.


Jehova o sehalalelong sa hae, Jehova o na le terone ya hae mahodimong; mahlo a hae a bona, dintshi tsa hae di leka bana ba batho.


o inamela ho nyarela mahodimong le lefatsheng.


Ka matla a wona o ntse o busa ka ho sa yeng kae; mahlo a wona a fadimeha hodima ditjhaba; bakwenehi ba se ke ba ikgodisa. (Sela.)


Mahlo a Jehova a dinqalong tsohle, a qamaka ba babe le ba batle.


Hobane ke mang ya ka nyedisang letsatsi la taba tse nyenyane? A ile a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, e leng mahlo a Jehova, a ntseng a qamaka lefatshe lohle.


Yaba ke bona konyana e kang e hlabilwe, e eme mahareng a terone le a dibopuwa tse phelang tse nne, le mahareng a baholo, e na le dinaka tse supileng, le mahlo a supileng, e leng Meya e supileng ya Modimo, e rometsweng kahohle lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ