Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 28:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Topase ya Ethiopia ha e lekane le jona, bo ke ke ba theolwa ke kgauta e hlwekileng ka ho fetisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Jwe la bohlokwa la Kushe le ke ke la lekana le bona, ka kgauta e hlwekisitsweng bo ke ke ba rekwa.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 28:19
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ho le jwalo, bohlale bo tswa kae? Le yona kutlwisiso e dutse nqalong efe?


O kenye ho wona, ka mokgwa oo mahakwe a bewang ka wona, melana e mene ya mahakwe: molaneng o mong ho bewe rubise, topase, le emeralde, ke molana wa pele;


Wa etsetswa melana e mene ya mahakwe: molaneng o mong ha bewa rubise, le topase, le emeralde; ke wona mola wa pele;


Kgauta e teng, le diperela tse ngata, empa ntho e theko e thata ke melomo e rutehileng.


Ho lehlohonolo motho ya fumaneng bohlale, ya fihletseng kutlwisiso;


Tholwana ya ka e monate ho fetisa kgauta, leha e ka ba kgauta e hlwekileng; tse kotulwang ho nna di feta silefera e hlwekileng.


O ne o le Edene, tshimong ya Modimo; o ne o apesitswe ka mahakwe wohle a mefuta, a bohlokwa, e leng rubise, topase, daemane, krisolithe, onikse, jaspe, safire, karbunkele, emerauta le kgauta. Ha hao, ho ne ho lokisitswe tshebetso ya meropa le ya diphala, haesale o hlaha.


wa bohlano ke wa sardonise, wa botshelela wa sardone, wa bosupa wa krisolithe, wa boroba meno e le mmedi wa berile, wa boroba mono o le mong wa topase, wa leshome wa krisoprase, wa leshome le motso o mong wa hiasinthe, wa leshome le metso e mmedi wa amethiste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ