Yare hobane dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta la boima ba halofo ya shekele, le mefitshana e mmedi ya matsoho ya dishekele tse leshome tsa kgauta,
Mehope yohle ya morena Salomone e ne e le ya kgauta, le dipitsa tsohle tsa ntlo ya Moru wa Lebanone e ne e le tsa kgauta e hlwekileng; ho ne ho se pitsa ya silefera: ho ne ho sa thwe letho ka yona mehleng ya Salomone.
Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.
hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;