Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 27:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 matswalo a tla ho yena jwaloka morwallo wa metsi; bosiu o tloswa ke sefefo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Tsietsi di mo wela hodimo jwaloka sekgohola, fefo se mo fefola bosiu ha ho robetswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 27:20
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka bona bosiu boo, ha tswa lengeloi la Jehova, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Eitse ha ba tsoha hosasa, ba bona e le ditopo feela.


mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo!


Matsoso a mo tshabisa ka nqa tsohle, a mo tshosa a mo phalletse.


Modimo ke wona o tlang ho kgorisa mpa ya hae, o tla mo otla ka tjheso ya kgalefo ya wona, o e nese hodima nama ya hae.


O tla feta jwaloka toro, mme a ke ke a hlola a fumanwa; a timele jwaloka pono ya bosiu.


ba tle ba be jwaloka dinono tse fefolwang ke moya, leha e le jwaloka mooko o nkwang ke sefefo.


Athe ba tlositswe ho eso ho be nako, boahello ba bona ba nkilwe ke morwallo;


Le re: Ba babe ba feta kapele jwaloka ntho e thellang hodima metsi. Lefa la bona le rohakilwe lefatsheng; ha ba sa leba nqa dirapeng tsa merara.


Ba ye ba shwe hang, hara bosiu; setjhaba se ye se heletswe, se timele; ba matla ba tloswa, e seng ka letsoho la motho.


Ditlamo tsa lefu di na be di nkopetse hare, diphororo tsa tshenyo di ne di ntshositse.


Bodiba bo arabelana le bodiba bo bong modumong wa phororo tsa hao; merwallo ya hao kaofela le maqhubu a hao wohle a fetile hodima ka.


Apesa difahleho tsa bona ka dihlong, ba tle ba batle lebitso la hao, Jehova.


O a ba kgohola; ba jwaloka toro; hosasa, ba mela jwaloka jwang;


Ka bosiu bo boholo, Jehova a otla matsibolo a naha ya Egepeta kaofela, ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho matsibolo a motshwaruwa ya ka tlung ya teronko, le matsibolo kaofela a diphoofolo.


Ka bona bosiu boo, Belshatsare, morena wa Bakalde, a bolawa,


Hobane o ne o ntahletse bodibeng, bohareng ba lewatle, dikgohola tsohle di ne di mpotile kahohle, maqhubu wohle a hao le dikgaphatseho tsa hao di ne di nkapesitse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ