19 Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; ya se nang molato o tsheha ka bona, o re:
19 “Ba lokileng ha ba bona ba a nyakalla, ba se nang molato ba a soma, ba re:
Ba lokileng ba maketse ke hoo, ba se nang molato ba halefela ba bolotsana.
Hoja lerumo le ka hla la bolaya hang! Empa o tsheha bohloko ba ya se nang molato.
Ba lokileng ba bona hoo, mme ba thaba; empa ba bolotsana kaofela ba thibana melomo.
Thaba ya Sione a e ke e thabe, mme baradi ba Juda ba nyakalle ka baka la dikahlolo tsa hao.
Ba lokileng ba tla bona hoo, ba tshabe; ba tla tsheha ka yena, ba re:
Ke moo ya lokileng a tlang ho thaba, ha a bona phetetso; o tla hlatswa maoto a hae mading a molotsana;
Ya lokileng o tla ithabela ho Jehova, a tshabele ho yena; batho bohle ba nang le pelo e lokileng ba tla ithorisa kahoo.
Sione o utlwile, mme o thabile ke hoo; baradi ba Juda ba nyakalletse dikahlolo tsa hao, Jehova.
Ha ba lokileng ba atleha, motse o a thaba; empa mohla ho timelang ba babe, ke ditlatse feela.
Nyakallang ka baka la wona, wena lehodimo, le lona bahalaledi, baapostola, le baporofeta, hobane Modimo o tiisitse kahlolo eo le o ahlotseng ka yona!