17 ba ne ba re ho Modimo: Sutha ho rona! Na Ya matla wohle a ka etsang bakeng sa rona na?
17 bona ba itseng ho Modimo: ‘Re hlokomolohe! Ya Matla wohle a ka re etsang?’
Poho ya bona e a hwela, ha e lale; dithole tsa bona di a tswala, ha di folotse.
Ba bangata ba re: Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang? Jehova, ako re tjhabisetse lesedi la sefahleho sa hao!
Hobane haesale ke eya ho Faro, ke bua ka lebitso la hao, o entse setjhaba sena hampe, le ho lwela setjhaba sa hao ha o a se lwela.
Kgelohang tsela, eyang kathoko, lesang ho bea Mohalaledi wa Iseraele pela mahlo a rona!
Ke ha le re: Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo! re ruang, ha re boloka seo o re laetseng sona, leha re ntse re tsamaya re apere bofifi pela Jehova wa makgotla?
Ba howa, ba re: Taba ya rona le wena keng, Mora wa Modimo? Na o tlile mona ho re hlokofatsa, e eso ho be nako ya teng na?
Yaba ba motse kaofela ba tswela ho kgahlanyetsa Jesu, mme ha ba mmona, ba mo rapela haholo, hore a tlohe naheng ya bona.
Mme erekaha ba sa ka ba hlokomela ho tseba Modimo, Modimo o ba neeletse moyeng o hlokang kelello, ba tle ba etse tse sa tshwanelang.