Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 21:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ke mang ya tlang ho mo kgalemela mahlong hodima metsamao ya hae? O tla buseletswa ke mang seo a se entseng na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Ya ka mo nyatsang sefahlamahlo ke mang? Ketso tsa hae tsona a ka di ahlolelwa ke mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 21:31
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa le re: Modimo o bolokela bana ba molotsana dikotlo tsa bokgopo ba hae. O mpe o ke o otle yena, a tle a utlwe.


ha ba re: Molotsana o sirelwa ka letsatsi la tshenyeho; ka letsatsi la phetetso o tloswa pela yona?


O iswa lebitleng, o lokisetswa qubu ya majwe.


Ke mang eo ke nang le molato wa hae, ke tle ke tshwanele ho mo lefela? Tsohle tse katlasa lehodimo kaofela ke tsa ka.


Ke tseo o di entseng, mme kahobane ke ikgutseditse, o hopotse hoba nna ke ya jwaloka wena; ke tla o kgalemela, ke hlanole tsohle mahlong a hao.


e leng ho kweneha le ho latola Jehova, le ho furalla Modimo wa rona; ho bolela dipolelo tsa ho tsohela ba bang matla le tsa bohata; ho emola le ho tswala dipolelo tsa leshano dipelong tsa rona.


Athe Johanne o ne a itse ho Heroda: Ha ho lokele hoba o be le mosadi wa ngwaneno.


Empa ha a ntse a bolela ho loka, le boitshwaro, le kahlolo e tla tla, Felikse a tshwarwa ke ho tshaba, mme a bua, a re: O ka ikela jwale; mohla ke boelang ke bona sebaka, ke tla boela ke o bitse.


Barutuwa, le se ke la iphetetsa e le lona, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngodilwe, ho thwe: Phetetso ke ya ka; ke nna ya tlang ho busetsa, ho rialo Morena.


Empa mohla Kefase a tlileng Antioke, ka mo hanyetsa mahlong, hobane a ne a tshwanelwa ke ho nyatsuwa.


o busetsang pontsheng ho ba o hloyang ka ho ba timetsa. Ha a diehe ho otla ya mo hloyang, a busetse ho eena pontsheng.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ