Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 21:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 ha ba re: Molotsana o sirelwa ka letsatsi la tshenyeho; ka letsatsi la phetetso o tloswa pela yona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 ‘Ha koduwa e etla ya kgopo o a pholoswa, tsatsi la kgalefo le lona o a le phemiswa?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 21:30
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Maruo a ntlo ya hae a tla timela, a tla feta ka letsatsi la kgalefo ya Modimo.


Ke yona kabelo ya molotsana e tswang ho Modimo, le lefa le beetsweng yena ke Modimo.


Ke mohlomong feela lebone la ba bolotsana le tingwang, ha ba atise ho welwa ke tshenyeho; Modimo ha o atise ho ba abela maswabi kgalefong ya wona,


Ho bone yena ka mahlo a hae ho wa ha hae, a noswe kgalefo ya Ya matla wohle;


Na ha le a ka la botsa baeti? Le sitwa keng ho dumela bopaki bo tliswang ke bona,


Ke mang ya tlang ho mo kgalemela mahlong hodima metsamao ya hae? O tla buseletswa ke mang seo a se entseng na?


Tshenyeho na hase ya mosenyi na? le tahleho na ha ya beelwa ba sebetsang bokgopo na?


O tshele dikgapatso tsa kgalefo ya hao, o tadime baikgohomosi bohle ho ba kokobetsa hang!


Bona, Modimo ha o kgese ya se nang molato, empa o ke ke wa sireletsa baetsadibe.


Morena, ya leng letsohong la hao le letona, o thumakanya marena ka letsatsi la kgalefo ya hae.


ba dutse kantle ho mahlomola a batho, mme ha ba otlwe jwaloka ba bang.


Maruo ha a thuse letho mohla letsatsi la bohale, empa ho loka ho lwela lefung.


Jehova o etseditse dintho tsohle merero ya tsona; e, esita le e mobe, o etseditswe letsatsi la tlokotsi.


Empa Ishmaele, mora Nethania, a phonyoha ho Johanane, a ena le batho ba robileng meno e le mmedi, mme a ya ho bana ba Ammone.


Jehova ke Modimo o boulelang, o phetetsang; Jehova o a phetetsa, o tletse bohale; Jehova o iphetetsa ho ba mo lwantshang, bohale ba hae o bo bolokela bao e leng dira ho yena.


Tsatsi leo ke tsatsi la kgalefo, ke tsatsi la tlokotsi le la matswalo, ke tsatsi la tshenyo le la tshenyeho, ke tsatsi la lefifi le la botsho, ke tsatsi la maru le la lefifi le letsho!


Empa ka bothata ba hao le ka pelo ya hao e se nang pako, o ipokellela bohale bo tlang ho hlahela mohla letsatsi la bohale le la ponahatso ya kahlolo e lokileng ya Modimo,


Joshua a re: Thetelang majwe a maholo monyako wa lehaha, le bee banna teng ho a lebela;


Haele mahodimo a jwale le lefatshe la jwale, di boloketswe mollo ke lentswe lona leo, di boloketswe letsatsi la kahlolo, le la tshenyeho ya batho ba nyefolang.


ke maqhubu a hlanyang a lewatle, a akgelang mafilo a ditshila tsa wona mane le mane; ke dinaledi tse kgerang, tse lokiseditsweng botsho ba lefifi la bo sa feleng.


Hobane letsatsi le leholo la kgalefo ya yona le tjhabile, mme ho ka ema mang?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ