Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 21:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 hobane le re: E kae ntlo ya motubi? E kae tente eo ba bolotsana ba neng ba ahile ho yona?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Le ntse le re: ‘Lapa la sekwele jwale le kae? Malapa a ba kgopo wona a kae?’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 21:28
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.


Meaho ya molotsana e jwalo feela, ho jwalo le bodulo ba ya sa tsebeng Modimo.


thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


leha ho le jwalo, o tla fela jwaloka lethete la hae, ka ho sa feleng; ba mmoneng ba tla re: O kae?


Bonang, ke tseba kamoo le hopolang kateng, le kamoo le nkahlolang kateng ka ho se loke;


Na ha le a ka la botsa baeti? Le sitwa keng ho dumela bopaki bo tliswang ke bona,


Bonang, kaofela ha lona le e lemohile hantle; mme le dumellane; ha ho le jwalo, le hlahisa dipolelo tsa lefeela keng?


Ke be ke tla mo phetela metsamao ya ka kaofela, mme jwaloka morena ke ne ke tla mo atamela!


Ba o hloileng ba tla apeswa dihlong, mme tente ya ba babe e tla lesa ho ba teng.


a re: Nke ke ka boela ka kena ka tlung ya ka, mme nke ke ka phomola diphateng tsa ka,


o fetile; jo! o se a le siyo; ka mmatla, a se ke a fumanwa.


Ke e ntshitse, ho bolela Jehova wa makgotla, mme e tla kena tlung ya leshodu, le tlung ya ya hlapanyang ka lebitso la ka ka bohata; e tla dula kahara ntlo ya hae, e tle e e fedise, le difate tsa yona, le majwe a yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ