A lona ba mofuta! mamelang lentswe la Jehova: Na nkile ka ba naha e tshehla ho Iseraele, kapa naha ya lefifi le letsho na? Setjhaba sa ka se bolela jwang, ha se re: Re tla nne re mathela mane le mane; ha re sa tla kgutlela ho wena?
Eitse ha a bona Jesu, a howa, a itihela pela hae, a re ka lentswe le leholo: Taba ya ka le wena ke efe, Jesu, Mora Modimo o hodimodimo? Ke a o rapela, o se ke wa ntlhokofatsa.
Yaba batho bohle ba kamathoko a naha ya Bagergesene ba rapela Jesu hore a tlohe ho bona; hobane ba ne ba tshwerwe ke tshabo e kgolo. Haele yena a kena sekepaneng, a kgutla.