Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 20:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mahlo a hae ha a sa tla thabela melatswana, leha e le melapo, leha e le dinokana tsa dinotshi le lebese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Dinoka a ke ke a hlola a sa di bona, le phororo tse phallang tsa dinotshi le tsa lebese.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 20:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A nka mafi, le lebese, le namane e apehilweng, a di bea pela bona; empa yena a ikemela pela bona katlasa sefate, mme ba eja.


le dinotshi, le sereledi, le dinku, le mafi; ba di tlisetsa Davida le setjhaba seo a nang le sona, e be dijo tsa bona, ba re: Setjhaba se lapile, se kgathetse, se nyorilwe ka baka la nahathothe.


Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


ha maoto a ka a ne a hlatsweha lebeseng, mme lefika le ne le ntswela melatswana ya ole.


Ke ne nka ba fepa ka lefi la phofo, ke na nka ba kgorisa ka dinotshi tsa mafika!


ke be ke tle ke le ise naheng e kang naha ya lona, naha ya koro le ya veine, naha ya bohobe le ya merara.


Mafutsana le basenyehi ba batla metsi, mme a hlokahala; maleme a bona a omeletse ke lenyora. Nna, Jehova, ke tla ba utlwa; nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba tlohela.


O tla ja lebese le dinotshi, a be a tsebe ho hana bobe le ho ikgethela botle.


Mme kahobane di tla sisa haholo, ba tla ja mafi, hobane e mong le e mong ya siilweng lefatsheng leo o tla ja mafi le dinotshi.


ruri, ha ho le a mong ho bona ya tla bona lefatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona hore ke tla ba nea lona. Ha ho le a mong ho ba nnyedisitseng ya tla le bona.


A howa, a re: Ntate Abrahama, nkgauhele; o rome Lasaro, hore a qopetse ntlha ya monwana wa hae metsing, a tle a mphodise leleme; hobane ke utlwa bohloko bo boholo kgabong ena.


Lengeloi la mpontsha hape noka e ntle ya metsi a bophelo, a hlwekileng jwaloka kristale, e tswang teroneng ya Modimo le Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ