Ha o a ka wa abelwa lebitla le wona, e le kahobane o sentse lefatshe la hao, o bolaile setjhaba sa hao; leloko la ba bolotsana le ke ke la hlola le bolelwa le ka mohla o le mong.
Ba shwele, ba ke ke ba hlola ba phela; ke diriti, ba ke ke ba boela ba utlwa; hobane o ba otlile, o ba fedisitse, o timeditse le ho hopolwa hohle ha bona.
Haele wena, Ninive, Jehova o laetse, a re: Lebitso la hao ha le sa tla itswala. Tlung ya medimo ya hao ke tla tlosa setshwantsho se betlilweng le se tsholotsweng, mme ke tla o lokisetsa lebitla, hobane o lefeela.