Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Jobo 15:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ha a tla ke a sesefa lefifi; mollo o tla tjhesa makala a hae, o tla tloswa ke pudulo ya molomo wa wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 A ke ke be a phonyoha lefifing, lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae, kgalefo ya Modimo e mo timetse!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Jobo 15:30
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tshaba ho tswa lefifing; lerumo le mo laletse.


O lelerela bohobe, o re: Bo kae? O tseba hobane tshiu e ntsho e mo atametse.


Hobane ntlo ya e mobe e tla nyopa, mme mollo o tla ja moaho wa ya kgopo.


Tlase, metso ya hae e a oma; hodimo, makala a hae a rengwa.


O lelekwa leseding, a ye lefifing; o tloswa lefatsheng.


Lefifi le tshabehang e tla be letlotlo la hae; mollo o sa butswelwang ke motho o tla mo tjhesa, o fedise se setseng ka tenteng ya hae.


E, bao e leng dira ho rona ba fedile, mollo o tjhesitse bokgabane ba bona.


Efela ke mollo o ka tjhang ho isa sehokong, o tshwanetseng ho fothola maruo a ka kaofela.


ba fediswa ke pudulo ya Modimo, ba timetswa ke phefumoloho ya kgalefo ya wona.


Hosasa, ba thulana le lefifi, motshehare ba phopholetsa jwaloka hoja ke bosiu.


Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.


Hobane e se e le kgale Tofethe e lokisitswe, e lokiseditswe morena; e sekoti, e ahlamile; patsi e ngata le mollo di bokelletswe teng; phefumoloho ya Jehova, e kang noka ya sebabole, e tla di hotetsa.


Ka baka leo, ke ba otlile ka baporofeta, ke ba bolaile ka dipolelo tsa molomo wa ka; dikahlolo tsa ka tsa hlaha hang jwaloka lesedi!


Yaba morena o re ho bahlanka: Mmofeng maoto le matsoho, le mo nke, mme le mo lahlele lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Empa bara ba mmuso ba tla lahlelwa lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Bao ke didiba tse se nang metsi, ke maru a fefolwang ke sefefo, mme botsho ba lefifi bo boloketswe bona ka ho sa feleng.


ke maqhubu a hlanyang a lewatle, a akgelang mafilo a ditshila tsa wona mane le mane; ke dinaledi tse kgerang, tse lokiseditsweng botsho ba lefifi la bo sa feleng.


Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ